Keneiloe Hope - Hale Mpotsa Lyrics

Lyrics Hale Mpotsa - Keneiloe Hope



Ha le mpotsa tshepo ya ka
Ke tla re, ke Jesu
Ke lapetse ho mo aka
Ha hae ke ha eso
Le re, nke bone'ng ho eena?
Ke bone phomolo
Thabo e leng ho Morena
Ha e na phetoho
Ka na ka nyoreloa botle
Ka tsoatsoa ke batla
Ka tsieloa ke ntho tsohle
Ka felloa ke matla
Athe Jeso o n'a mpona
Ha ke lela joalo
A mpitsa, a re: Tlo ho 'na
O fole matsoalo
Joale ke kgotse ka methla
Mohau wa Modimo
Ke qadile ho iketla
Tshepong ya Modimo
Ke qadile ho iketla
Tshepong ya Modimo
Ke qadile ho iketla
Tshepong ya Modimo
Amen amen amen amen
Amen amen amen
Amen amen amen amen
Amen amen amen
Amen amen amen amen
Amen amen amen
Amen amen amen amen
Amen amen amen



Writer(s): Public Domain


Keneiloe Hope - The Journey of Hope: Recorded Live at Redemption Church



Attention! Feel free to leave feedback.