Amadodana Ase Wesile - Na Ke Bomang текст песни

Текст песни Na Ke Bomang - Amadodana Ase Wesile



Na ke bo-mang mose ledibohong,
Ba hlohlorang role la lebitla,
Ba lesedi, ba kganya,
Ba meqheka dihlohong?
Bohang seema, ha ba hlaha ka kgoro,
Jerusalema e mocha;
Pina tsa bona tse tsoisoang ke nyakallo:
Ke madi a Konyana.
Ke ba tsoileng tshileng tsa manyala,
Ho boleng ha lebitla la sebe;
Joale, ha ba hlwekile.
Ke madi a Konyana.
Bohang seema, ha ba hlaha ...
Ke ba tsoang mokgathaleng wa dintoa,
Bodibeng ba dillo le hloreho;
Joale ha ba hlwekile,
Ke madi a Konyana.
Bohang seema, ha ba hlaha ...
Ke moo ba emeng ka dipalema,
Ba apereng bosweu, lesedi;
'Me ha ba hloka kodi,
Ke madi a Konyana.
Bohang seema, ha ba hlaha ...
Ke sehou sa mefuta-futa,
Ba tsoa dipheletsong tsa lefatshe;
Bohle ba lopolotswe
Ke madi a Konyana.
Bohang seema, ha ba hlaha ...
O Monghadi, o ntumelle le 'na,
Ke phakise, ke habe, ke fihle;
Ntlhatsoisise, ke hlweke,
Ke se ke ka roneha.
E, ke tla ba teng ho ba kenang ka kgoro,
Jerusalema e mocha,
Ha ke bina teng le bona ka nyakallo,
Ke madi a Konyana



Авторы: Tom Mokhati


Amadodana Ase Wesile - Jesu O Tsohile
Альбом Jesu O Tsohile
дата релиза
22-05-2009




Внимание! Не стесняйтесь оставлять отзывы.